Na o batla ho ithuta ditsebo tse ntjha o sa lefe letho?

Ha re ithute ka puo ya hao, ka nako ya hao fonong ya hao.

Qalo ya ho phatlalatsa inthaneteng ka tshebediso ya WordPress

Thutong ena o tla ithuta ho ngola le ho phatlalatsa dingolwa inthaneteng. O tla fumana malebela a ho hlophisa dingolwa, ho fumana mehlodi ya tlhahisoleseding le dikeletso tsa ho ngola le ho phatlalatsa dingolwa tseo batho ba tla batla ho di bala. O tla qalella ho rutwa ho sebedisa WordPress e leng yona e sebediswang haholo ho ho phatlalatsa dingolwa inthaneteng. Ho na le melemo e mmalwa ya ho ithuta ho phatlalatsa inthaneteng:

  • O tla ithuta ditsebo tse ka fetisehang – jwale ka puisano ka mongolo le ho  etita – tseo o ka di bontshang kahara CV mme wa di sebedisa kgirong ya kamoso.
  • Ho feta 40% ya di webosaete tsohle inthaneteng di ahilwe ka WordPress kahona ho tseba ho e sebedisa ho tla ntlafatsa ditsebo tsa hao tsa digithale.
  • O ka ba mophatlalatsi oa taba tsa hao. Sebedisa seo o ithutang sona thutong ena ho aha webosaete ya hao mahala! O ka ngola ka sohle seo o se batlang – dijo, tlholeho,kgwebo, bolo jwalo jwalo. Hona ho ka pharalatsa bolateli ba hao le bao o tsebanang ke bona. O ka e mong ya hlahisang dingolwa Afrika – sengodi e seng feela mmadi. O ka ba wa qala kgwebo ya hao inthaneteng!

Thuto 1: Ho rera le ho hlopha sengolwa sa hao

Thutong ena, o tla ithuta ho rera le ho ithlophisa ho ngola sengolwa sa hao. Hona ho kenyeletsa ho kgetha sehlooho, ho utlwisisa na ke tlhahisoleseding efe e seng e ngotswe ka sehlooho seo o se kgethileng le hore na o ka fumana mehlodi ya tlhahisolesedin kae e ka o thusang ho ngola sengolwa sa hao.

Qetellong ya thuto ena o tla utlwisisa ho:

  • Rala sengolwa sa hao e le hore se balehe habonolo le ho natefela babadi
  • Rera le ho etsa dipatlisiso ka sengolwa sa hao
  • Fumana mehlodi ya tlhahisoleseding ka sengolwa sa hao

Thuto 2: Mehato ya ho phatlalatsa sengolwa inthaneteng 

Thutong ena o tla ithuta ka botebo na o kena jwang webosaeteng ho phatlalatsa sengolwa sa hao. Ho kenyeletsa:  

  • Ho kena webosaeteng (Log in)
  • Ho ngola sengolwa
  • Ho fetofetola se ngotsweng. 
  • Ho kenya tse ding ekaba difaele tsa ditshwantsho kapa vidiyo, di-theke hammoho le mekgahlelo e fapaneng
  • Ho seifa bakeng sa ho etsa diphetoho.

Re tla sebedisa webosaete ya Diji e le mohlala wa webosaete ya WordPress thutong ena.

Qetellong ya thuto ena, o tla tseba ho:

  • Ho kena (Log in) webosaeteng ya WordPress
  • Ho ngola le ho feto-fetola sengolwa sa hao
  • Ho kenya difaele sengolweng sa hao
  • Ho kenya mekgahlelo le di-theke sengolweng sa hao
  • Ho seifa sengolwa
  • Ho fetofetola sengolwa hang ha o se bolokile