Thuto 1: Ho rera le ho hlopha sengolwa sa hao

Thutong ena, o tla ithuta ho rera le ho ithlophisa ho ngola sengolwa sa hao. Hona ho kenyeletsa ho kgetha sehlooho, ho utlwisisa na ke tlhahisoleseding efe e seng e ngotswe ka sehlooho seo o se kgethileng le hore na o ka fumana mehlodi ya tlhahisolesedin kae e ka o thusang ho ngola sengolwa sa hao.


Qetellong ya thuto ena o tla utlwisisa ho:

  • Rera le ho etsa dipatlisiso ka sengolwa sa hao
  • Fumana mehlodi ya tlhahisoleseding ka sengolwa sa hao
  • Rala sengolwa sa hao e le hore se balehe habonolo le ho natefela babadi

Rera le ho etsa dipatlisiso ka sengolwa

1. Kgetha sehlooho

Ke sehlooho se fe seo o tla etsa diphuphutso le ho ngola ka sona? Ho araba potso ena o ipotse tse latelang:

  • Na sehlooho se loketse webosaete yeo se tla phatlalatswa ho sona? Mohlala: sengolwa se buwang ka ho nwesetsa dimela se nepahetse webosaeteng e buwang ka ditaba tsa ho hlokomela jarete empa sengolwa se buwang ka dithuthuthu ha se ya lokela webosaete e jwalo.
  • Na se kena hantle mokgahlelong o itseng o seng o ntse o le teng webosaeteng?
  • Na ho se ho ntse ho na le sengolwa webosaeteng se buwang ka sehlooho kapa se amanang le sona?

2. Mehlodi ya tlhahisoleseding

Hang ha o kgethile sehlooho o tla lokela ho fumana mehlodi ya tlhahisoleseding ho ngola ka sona. Ipotse na o tla hloka tlhahisoleseding ya mofuta o fe le hore na o tla e fumana kae? Mefuta le mehlodi ya tlhahisoleseding e tla itshetleha ka sehlooho seo o se kgethileng. Ha e ba o tlo ngola ka ho hlokomela jarete o ka fumana tlhahisoleseding ka ho:

  • Chakela laeborari e pela hao ho fumana dibuka tse buwang ka taba ena
  • Qoqa le balemi le dihwai tse sebakeng seo o phelang ho sona
  • Ho batla tlahisoleseding inthaneteng. Ho tla ba le diwebosaete tse mmalwa ka tlhokomelo ya majarete le ho hlahisa dijalo.

Haeba o ngola ka dichaba tse tikolohong yeo o phelang ho yona, nalane le bochaba ba tsona, o ka fumana tlhahisoleseding ka ho:

  • Qoqa le ho botsa batho ba baholo dipotsi tikolohong yeo o phelang ho yona; batho bao ba ka ba le nalane ka diboko, mekgwa le bochaba hammoho le tsebo ka bophelo ba kgale ka dichaba tseo.
  • Buwa le ho botsa dipotso ho dingaka tsa setso hammoho le diroki
  • Batla tlhahisoleseding inthaneteng, mohlala, dihlopha tse ding tsa Facebook di na le tlhahisoleseding ka dihlooho tse ngata ho kenyeletsa nalane ya diboko.

3. Ho qopitsa le ho utswa mosebetsi oa babang o etsa eka ke wa hao

Ho bohlokwa ho ngola ditaba tse tswang ho wena ha o ngola sengolwa sa hao. Se ke wa be o se o qopitsa ditaba tse tswang mehloding yeo o e badileng di le jwalo hantle. Qoba ho qopitsa le ho utswa mosebetsi wa babang ka latela mehato e na:

  1. Bala ditaba tseo o nang le kgahleho ho tsona(jwalo ka ha o ka bala koranta, buka kapa sengolwa)
  2. Beha seo o se balang kathoko mme o ngole ditaba kamoo o di utlwisisang – ka tsela e tshwanang le kamoo o ka qoqelang metswalle dipale tseo o di badileng koranteng/dibukeng.

Ka tsela ena, seo o se ngotseng etlaba ka mantswe, tatellano le mokgwa wa hao. Ho na le dikarolo tseo o tla ba le dipotsa ka tsona, le moo o tlang ho eketsa ditaba tse ding le moo o tla toboketsa dintlha tse itseng. Dingolwa tsa hao etlaba tsa nnete tse hohelang babadi.

Ho utswa ditaba le ho ngola ka tsela e boleng bo tlaaase – mongolo o mokgubedu o qopiditswe ho tswa sengolweng se seng 

Tshebetso 1.1

Ho etsa moralo wa boinahano faatshe pampiring ke mokgwa o bohlale haholo wa ho inonya maikutlo. Moralo wa boinahano ke setshwantsho sa ho hlopha tlahisoleseding ka ho beha faatshe. Mohlala ke oona.

Nka metsotso e mehlano o etsa moralo wa boinahano bakeng sa dingolwa tseo o ka sebetsanang le tsona.

Hlopha le ho beha sengolwa sa hao fatshe

1. Itlhophisetse ho ngola

Ho bohlokwa ho rala sengolwa sa hao le ho nahana ka sebopeho sa sona pele o ka ngola. O hloka ho beha sehlooho, ho etsa qeto ya hore na o qala ditaba tsa hao jwang, na ke tlhahisoleseding e fe yeo o tla e kenya karolong ya mantlha (mmele) ya sengolwa mme qetellong, na o qetella ditaba tsa hao jwang. 

 2. Lokisa ditaba tsa hao

Thathamisa dintlha tsa mantlha tseo o batlang ho di kenyeletsa ebe o di pharalatsa ka ho ngola lirapa. Serapa ke sehlopha sa dipolelo se buwang ka taba e le nngwe ya mantlha. Hona ho tla etsa hore seo o se ngolang se utlwisisehe le hore mmadi a se bale habonolo – tje feela ka ho beha ditaba fatshe ka makgethe le hona ho thusa ka tsela e tshwanang.

3. Beha sengolwa sa hao fatshe

Kenya dikarolwana tsa sehlooho (H2 heading ho WordPress) ho nolofaletsa mmadi ho bala. Dihlooho le dikarolwana tsa teng di arola mongolo ka makgethe le ho fana ka sebaka pakeng tsa dirapa tsa hao le maikutlo.

4. Etsa hore ho nepahale feela

Sebedisa dipolelo tse kgutswane le puo e bobebe. Tsepama hodima taba. Qoba ho ba le mantswe a fetang 400 sengolweng sa hao ntle le haeba o ngola sengola se selelele se fanang ka dintlha tse tebileng. Sengolwa se se be selelele kapa sa ba sekgutswane haholo.

5. Nahana ka setshwatsho kapa modumo o ka o kenyang

Ho kenya setshwantsho kapa modumo ho ka ntlafatsa sengolwa mme hwa etsa hore se hohele babadi.

Boinahano

Jwale nahana ka sehlooho sa sengolwa seo o lakatsa ho se ngola. Etsa moralo wa sengola seo, mme o toboketse sebopeho le moralo wa sona.

Tshebetso 1.2

Rera sengolwa sa hao ka ho kgetha dihlooho tsa mantlha tseo o lakatsa ho di ama. Tsena ekaba dihlooho hammoho le dikarolwana tsa dihlooho. Kenyeletsa tsohle tseo o hopolang ho di etsa karolo ya sengolwa jwaloka: metako, ditshwantsho, faele tsa medumo kapa dividiyo.

Kakaretso

Thutong ena o ithutile:

  • Ho rala sengolwa, re kenyeletsa ho kgetha sehlooho, ho etsa diphuphutso le dintlha tse amanang le ho utswa mosebetsi wa ba bang le ditokelo tsa ea hlahisitseng.
  • Ho rala sebopeho sa sengolwa, ho kenyeletsa ho e hlopha le ho e beha faatshe.

Dipotso

Hlahloba na o hatetse pele ha kae

Developed with the support of the: